BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

Monna oa Rothe o re morena o hana ho mo etsetsa setlankana e le bopaki ba hore o lefelletse likhomo tse neng li ts'oeroe

By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Monghali Molantoa Molantoa oa Rothe Ha Sankoe, Maseru, o re morena oa hae o hana ka setlankana sa bopaki ba hore o lefelletse likhomo tse neng li ts’oeroe leboelleng, ka Laboraro la beke e fetileng. O re bashanyana ba ne ba ile ba bulella likhomo leboelleng, a ahloloa ke lekhotla la morena, likete tse peli le makholo a mararo a maloti, a a lefa, joale morena o hana ka setlankana, ’me o ile a laeloa ho isa likhomo tseo sepoleseng sa Mokhalinyane, moo ho ileng ha ea mohats’ae le mora, moo mora a ileng a khalengoa ke sona. Lehlakore la Morena eo ho lluoang ka eena, ha le eo litabeng tsena, hobane a ile a khaola puisano ea hae le mofuputsi oa litaba tsena hang ka mor’a ho itlhalosa, hamorao a se hlole a araba mohala.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.