BREAKING
MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'... 'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONE Monna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ... Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ... Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Government announces new public works programme
Local

MONNA O RE O PHELA KA LEQEBA KE MOCHANA OA HAE, EA SA RATUOENG KE MOSALI OA HAE

By Thabo Mokoena • December 5, 2025 • 5 min read
Moahi oa Tajane Ha Mohale Mafeteng o re o phela ka leqeba ke ngoana oa khaitseli ea hae ea nang le bokooa, e’o ’ma’e a hlokahetseng a mo sihetse bo habo, bo sa mo tsoeleng molemo ka lebaka la mosali oa hae, ea sa rateng eo. Monghali Fusi Hlantsi, o re o ne a phuthi eo mochana ho lula le eena, empa mosali oa hae a mo leleka, ’me o lekile sohle ho bona hore o amoheloa mochana hobane ba bile ba ntse ba amohela chelete ea malaene a bo. O re le ha eo a se a phuthiloe ke bo-mosamaria o hloloa feela le ho mo hlokomela hobane chelete e jeoa ke mosali, ea bolelletse Lehakoe la Litaba hore le tsoe ho eena. Litaba tsa mochana ea nang le bokooa, Lehakoe la litaba le li fitiselitse ho ba ’Mamokhatlo oa batho ba nang le bokooa le ho mokhatlo oa liakhente tsa basali ho jela pate.
Live — Moafrika FM ON AIR
Unable to play stream. Please try again.