Phala ea mokhatlo oa thibelo ea litlolo tsa molao oa Hloma-u-hlasele, Makhalong Ha-Pitso Mokonyana Qachaseneke e re mokhatlo, tulong ea oona e bileng ka Laboraro le fetileng, o itse o ikemiselitse ho ts’oara ka thata ho thibela litlolo tsa molao har’a tse ling.
Monghali Tumelo Tau Lekaota o re ntle le litlolo tsa molao, tsa bosholu ba liphoofolo tse etsahalang lipakeng tsa Lesotho le Afrika-Boroa, ho na le tse totileng haholo tsa tlhekefetso ea ka malapeng, moo basali ba khakhathang banna ba bona.
O bile a re hona letsatsing leo, komiti ea tikoloho eo, e ile ea hlahiosa sechabeng, ntle ho moo, mokhatlo o ntse o itlhophela ho ba le kopano e kholohali le baahi ba Matatiele Afrika-Boroa, ka sepheo sa ho buisana ka bona boemo boo ba litlolo tsa molao.