MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
BASOTHO BA FELLETSOENG KE MOSEBETSI LIFEMENG BA KOPA NAMO EA ’MUSO OA LESOTHO
By Thabo Mokoena • December 9, 2025 • 5 min read
Basotho ba ileng ba felloa ke mosebetsi lifemeng tse ileng tsa koaloa, ba re ba bile le kopano e bulehileng moo ba neng ba bua le sechaba ba se tekela liqholotso tsa bophelo bo bosula ba ho lula feela, ntlha e kholo e le hore ’muso o fane ka ntlha holima hore na lifeme tseo li buloa neng.
’Manapo Maisa o re ke lifeme tse tharo tse koetsoeng, ’me likhakanyo li kuma hore ke Basotho ba likete li hlano ba felletsoeng ke mesebetsi. O re tlhokahaolo ea mosebetsi e ba baketse basula hoo ba seng ba hloloa ho phelisa malapa a bona, le ha e se ele ho rekisetsa basebeletsi ba lifeme tse ling lijo kaha palo ea bona e fokola haholo.