MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
’Melaelloa oa polao e sehloho ea motho o inehela sepoleseng Mokhotlong
By Thabo Mokoena • December 8, 2025 • 5 min read
Morena Sechaba Makoetje oa Moremoholo Thaba-Nts’o, Mokhotlong, o re ’melaelloa oa polao ea monna ea fumanoeng a le maqeba a leshome le metso e robeli a ntho e bohale ho bo selang Labobeli la beke ena, o inehetse sepoleseng sa setereke seo le sebetsa se bohale seo a reng o se sebelisitse.
O re tlaleho ea ’melaelloa oa polao ke hore mofu o ne a e na le likamano tsa bochaufa le mosali oa hae ebile o fumane eo a ntse a ts’oere tjale ea oa hae oa litjepa ka letsoho ha a tla nka qeto ea ho mofapanya le pula.
Mofu o fumanoe a its’etlehile ka ntlo e sa luloeng, a sa shebehe sefahlehong ka lebaka la maqeba a mabe a bulehileng a hakanyetsoang ho leshome le metso e robeli haa baloa. Kokoropo