MONNA O INEHELA SEPOLESENG LE SETOPO SA NYANYAULA EA MOSALIA'...'MAHLOMPHO JONASE O OROHILE KA LA SIMIONEMonna o itlama ho lefa kotolana ea k’habeche ka ...Econet e hlahisa sechabeng baroetsana ba babeli ba tla romeloa ...Matobakele o laeloa ho hula polelo e ts'osang liakhente ...
Local
Mosali o ilibana ka mora ho lelekoa mosebetsing oa lifeme Masowe
By Thabo Mokoena • June 13, 2025 • 5 min read
’Manthabiseng Motaba, ea sebetsang ho e ’ngoe ea lifeme tse Masowe Maseru, o re o leboha bo-mosamaria ba molemo ba neng ba foletse mosebetsi, ba ileng ba mo potlakisetsa setsing sa bophelo se Likotsi, ka mor’a ho ilibana nakong eo mong’a hae a neng a qeta ho mo leleka mosebetsing, ka le reng mosebetsi oa hae o bohlasoa ka Lapele la beke ena.
O re ka mor’a hore mookameli oa hae a mo leleke, o ile a tsamaea, empa ha a fihla kantle ho jarete ea feme, ha a ka a hlola a tsebile se etsahetseng, haese hore o iphumane a se a pota-potiloe ke batho ba bangata bao a utloileng hore ba ile ba tlalehela beng ba mosebetsi le ho potlakisetsoa setsing sa bophelo.
O re litlhahlobo tsa ngaka li re ho oa hoo, ho bakiloe ke sekhahla sa khatello ea maikutlo se bileng matla, leha ho le joalo, o lelekoa joalo, a sa tsoa khutlela mosebetsing, eena le ba bang, ’me ke mona mookameli o mo laetse ho khutlela hae, o se a tla khutlela mosebetsing mohlang a itokiselitseng ho sebetsa.